Previous Page  9 / 16 Next Page
Information
Show Menu
Previous Page 9 / 16 Next Page
Page Background

MADE POSSIBLE BY

THE MAIZE TRUST

9

Ho ya ka ditekanyetso tsa phepelo le tlhoko, tjhebelopele ya poone

e romellwang ka ntle ke ditone tsa dimilione tse 2,150 sehleng sa

2020/2021, mme ditone tsa dimilione tsena di se di romelletswe ka

ntle. Ditone tse ka bang 475 915 tsa poone e tshweu di ile tsa romellwa

dinaheng tsa boahisani le hamoraorao tjena Italy. Thomello ya ka ntle

ya poone e tshehla e ne e le e yang Vietnam, Taiwan, Japan, Korea le

dinaheng tsa rona tsa boahisani. (

Setshwantsho sa 1

). Ho boetse ho

teng ditone tse 300 000 tsa dihlahiswa tse sebeditsweng tsa poone, tse

reretsweng ho romellwa ka ntle sehleng sa mmaraka sa 2020/2021 ham-

moho le ditone tse ka bang 148 927 tse seng di rometswe ka ntle.

HO RITSA HA DITHEKO

Ditheko tsa selehae di nnile tsa phahama kgweding tse mmalwa tse

fetileng; hona ho bile haholoholo ka baka la ditheko tse phahameng tsa

matjhaba le sekgahla se fokolang sa phapanyetsano. Ha esale ho tloha

ka Phuptjane 2020, ditheko tsa nako e tlang tsa poone e tshweu di eke-

tsehile ka diperesente tse 37,8, mme ditheko tsa nako e tlang tsa poone

e tshehla di eketsehile ka diperesente tse 29,5 (

Setshwantsho sa 2

).

Tjhebelopele ya sehla se setjha ho ya ka moralo wa tlhahiso e shebahala

e le ntle, mme ka baka lena, ho lebelletswe hore tlhahiso ya selehae e

ka nna ya ba ntle sehleng sa 2020/2021. Ho ya ka pehelo ya moraorao

ya CEC (Komiti ya Ditekanyetso tsa Dijothollo), boikemisetso ba ho jala

lemong sa 2021 e tla ba dihekthara tsa dimilione tse 2,746 tsa poone, e

leng dihekthara tse 135 200 ka hodimo ho tsa sehla se fetileng. Nakong

ya ho ngolwa ha ditaba tsena, boholo ba tse ngata tse jalwang bo sa

ntse bo tla etswa, mme ka baka lena, ho sa ntse ho le teng boholo ba

dikotsi tsa tlhahiso, mme ka hoo, maemo a lehodimo a tla ba le seabo se

hlokolosi kgweding tse mmalwa tse tlang.

Ha re sheba ho ritsa ho ka nnang ha ba teng ditheko-

ng, ha eba ho kotulwa sejothollo se setle, ditheko di

ka nna tsa atamela haufinyana le mehato ya tekate-

kano ya thomello ka ntle, empa dintho tse ding tse ka

laolang maemo e tla ba sekgahla sa phapanyetsano

le ditheko tsa matjhaba. Ha eba ditheko tsa matjhaba

di ntse di phahame, mme sekgahla sa phapanyetsa-

no se ntse se fokola, re ka bona ditheko tse pakeng

tsa R2 800 le R3 400 sehleng sa 2020/2021.

Ha eba ditheko tsa matjhaba di theoha, mme

sekgahla sa phapanyetsano se matlafala, ditheko tsa

selehae di ka theohela tlasa R2 500. Ka kakaretso,

ditheko di ka nna tsa ba pakeng tse tlasa R2 500

tone ka nngwe ho fihlela ho 4 500 tone ka nngwe.

Setshwantsho seo re ka nnang ra se bona ho ya ka

metheho ya jwale ya mmaraka ke hore ditheko di

tshwanetse ho ba pakeng tsa R2 800 le R3 200 tone

ka nngwe.

2

2019*

2020*

y/y

% phetoho

2019*

2020*

y/y

% phetoho

E sebeditsweng

mmaraka/selehae

Poone e tshweu Poone e tshweu

Poone e tshehla Poone e tshehla

Batho

2 322 589

2 655 545

14,34

312 310

311 126

-0,38

Diphoofolo

206 218

519 948

152,14

2 562 390

2 159 822

-15,71

Phepo/phoofolo

5 325

5 664

6,37

5 539

3 224

-41,79

Kaofela

2 534 132

3 181 157

25,53

2 880 239

2 474 172

-14,10

Poone e sebeditsweng ho jewa selehaeng.

Mohlodi: SAGIS

*Mmesa - Loetse

2

Ditheko tsa ka moso tsa ho ritsa tsa poone e tshweu le e tshehla.

Mohlodi: Grain SA

Tlhoko ya selehae ya poone e ntse e le ntle. Ditone

tsa dimilione tse 5,6 tsa poone di ile tsa sebediswa

ho jewa ke batho, diphoofolo le ho silwa, mme hona

ke keketseho ya diperesente tse 4,5 papisong le

nakong yona ena selemong se fetileng.