MADE POSSIBLE BY
THE MAIZE TRUST
14
K
GOTHALETSO YA TABA TSENA E QHOLODITSWE KE
DITABA TSA ANDRIES WIESE – ‘KA MOO MATHATA
A DITJHELETE A AFRIKA BORWA A AMANG KGWE-
BO YA HAO KA TENG,’ TSE HATISITSWENG HO
FARMER’S WEEKLY
YA LA 29 PUDUNGWANA 2019.
MATHATA E BILE HO WA HA BOLENG BA TJHELETE, HO THE-
OLELWA TLASE HA BOLENG BA TSHEPO YA MOTSETEDI LE HO
TSWA HA TJHELETE. RE KA NNA RA KENYELETSA SELLO SA
SEKGAHLA SE TLASE SA KGOLO KAPA YONA (
GDP
) BOLENG
BA THEPA LE DITSHEBELETSO TSA NAHA.
E batla e le selemo jwale, mme tse neng di shebetswe pele jwale ke nnete.
Ranta e wele, e leng hore boleng ba yona bo fokotsehile, le hore ditheko
tsa thepa e kenang ka hara naha di phahame, jwalo ka tse ngata tsa tse ken-
ngwang mobung. Afrika Borwa e theoletswe boemong bo tlase ba ho putla-
ma. Hona ho bolela hore batsetedi lefatsheng lohle ba bona Afrika Borwa
e le kotsi ho ka tsetela tjhelete ho yona. Hona ho ama tshepo le sebete ho
batsetedi ba ka hara naha le ka ntle ho naha. Afrika Borwa e iphumana e le ka
mosing hobane batsetedi ha ba na tiisetso ya kuno e ntle matseteng a bona,
le hore na ba tla hle ba fumane tjhelete ya bona hape na.
Qalong ya selemo ho ile ha phatlalatswa hore Afrika Borwa e se e le
boemong ba ho putlama ha moruo ka baka la
Gross Domestic Production
(Boleng ba tlhahiso le Ditshebeletso mmarakeng wa lefatshe) ka baka la
ho putlama ha moruo. Papisong le kgwebo, hona ho bolela hore naha ha
e sa etsa phaello – tjhelete e kenang e nyane ho feta e sebediswang. Ka
baka lena, ho tshwanetse ho kadingwa tjhelete ho lefella ditshenyehelo
tsohle tsa mmuso, tse kang meputso ya batho. Kgwebong hona ke po-
ntsho ya tsamaiso e fokolang.
Ho feta mona, re boetse re hlasetswe ke bolwetse ba coronavirus bo
bakileng ho kginwa ha metsamao. Ntle le diqholotso tse bakilweng ke ho
kginwa ha metsamao jwalo ka ha re boletse ditabeng tsa rona tsa nako e
fetileng (
Pula Imvula Loetse
2020) le mathata a boletsweng serapeng se ka
pele, re emetswe ke setshwantsho se sebe haholo sa bobodu bo tshabe-
hang ba matlole a coronavirus bo ntseng bo hlahella. Bobodu bo ama tsho-
botsi e seng e ntse e le mpe ya Afrika Borwa mabapi le matsete.
Ana ke mathata a mmalwa a shebaneng le dihwai tsa rona, tse kgolo le
tse nyane. Mabapi le tsamaiso ya kgwebo ya hao ya temo, nnete ke hore o
tlameha ho shebana le mathata ana kapa ho a qoba. Diphephetso tsena ke
tse ke keng tsa laolwa ke dihwai, empa ke mathata a tswang ka ntle.
Nnete ya taba ke hore mathata a shebaneng le sehwai ka bokgu-
tshwanyane ke mathata a tse kenngwang mobung di tswa ka ntle, jwalo
ka mafura (
diesel
), dikhemikhale, manyolo le metjhine. Tsena kaofela di se
di phahame ka theko, ditjhelete tse adingwang di phahame ka theko, ham-
moho le ditjhelete tsa ho etsa matsete kgwebong tsa rona, e leng tse sa fu-
maneheng ha bonolo. Ka lehlakoreng le leng, ho theoha ha boleng ba ranta
ho fana ka monyetla wa ho romella thepa ka ntle ha eba ho kgonahala.
A re beng le tshepo, re itokisetse ho shebana le mathata ana, le ho
batlisisa menyetla e ka bang teng hara mathata ana kaofela. Bonyane
seo re ka se etsang ke ho baballa bonyane boo re bo tshwereng matso-
hong hore bo se ke ba re phonyoha. Re ke ke ra shebela fatshe dikotsi
tseo re shebaneng le tsona, e leng tsa ditjhelete, empa ke tsona tse ka
re phaphamisang borokong. Sehwai sa nnete ke se tiisang potongwane
kgahlanong le mathata ana. Mpa ha e na sekoloto!
ETSA BONNETE HORE MEHATO E A NKUWA
Ho shebana le mathata ana, nka molamu le thebe, o e hlanake senna:
• Etsa bonnete hore o na le
mokgwa o nepahetseng wa poloko ya dire-
koto
hore o kgone ho fumana boleng ba dintlha tsa ditjhelete ka nepo.
Ka tshebediso ya dinnete tsa temo e nepahetseng, direkoto tsa hao
di tla ntlafala le ho fana ka lesedi le ntlafetseng ditjheleteng tsa hao.
• Laola makeno a ditjhelete ka hloko, mme o laole
tekanyetso ya ho
phalla ha ditjhelete
, haholoholo mabapi le tse rekwang. Qoba tlwae-
lo ya ho rekareka feela ntle le ho nahanisisa, haholoholo mabapi le
dintho tse phahameng haholo ka theko (metjhine le disebediswa tsa
masimong). Se bitswang ‘speshele’ ha se ka mehla e leng nnete. Ntle
le
setatemente se nepahetseng
sa ho phalla ha tjhelete, o tla sitwa ho
laola taba ena ka nepo.
• Laola ditshenyehelo tsa hao tsa poraevete kapa tsa lelapa – molemo o
moholo ke hore o mpe o be le ditekanyetso tse arohaneng tabeng ena.
Leka hore o se ke wa phela bophelo bo fetang ba ditjhelete tsa hao.
• Laola ditjeho tsa tse kenngwang mobung ka moralo wa kgwebo ya
polasi, mme o nke mehato ho fokotsa ditjeho. Ka
setatemente se
nepahetseng sa tjhelete e kenang
, hona ho a kgonahala. Etsa bon-
nete hore o sebedisa bongata bo nepahetseng ba tse kenngwang
mobung jwalo ka ha o eleditswe kapa ho rerilwe.
• Shebisisa boemo ba ditjhelete tsa kgwebo ya hao ya temo. Sheba
leqephe la hao la tjhelete e setseng
, mme o shebisise dikoloto tsa hao.
Sekoloto ha se motswalle wa hao, mme ho hola ha sekoloto ke ntho e
dihileng dihwai tse ngata. Sekgahla sa tswala hajwale se tlase ka baka la
sewa sena, empa ela hloko hore o se wele molekong wa ho ikimetsa ka
ho adima tjhelete e ngata. Sekgahla sa tjhelete e adingwang se tla boela
se eketseha haufinyana. Ha eba ruri o tlameha ho adima tjhelete, kopa
hore seo se etsahale ka sekgahla se tlase haholo sa tswala.
• Fumana boleng ba mekgwa ya hao ya tlhahiso. Tshwara temo le
tlhaho, mme o ntlafatse bophelo bo botle ba mobu wa hao. Sebedi-
sa mekgwa ya temo ya paballo ya mobu, mme hona ho tla thusa
phokotsehong ya ditjeho tsa tlhahiso.
• Taba ya bohlokwa ka ho fetisisa – na o na le
moralo o nepahetseng
wa kgwebo
?
QETELO
E meng ya mehato e boletsweng hodimo mona ke eo re buileng ka yona
ditabeng tsa rona tsa nako e fetileng, moo re neng re sheba taba ena ka
mahlakore a fapaneng, mme phetapheto ena e mpa e hatella bohlokwa
bo boholo ba mehato ena. Hopola hore taba ya ho boela o tseba boleng
ba kgwebo ya hao botjha ke thuso e ntseng e le teng. Sebedisa tsebo ya
ditsebi tse leng teng tsa dikgwebo tsa temo le mekgatlo e kang
Grain SA
.
Hopola hore
Phokojwe ho phela e diretsana
!
SHEBANA LE MATHATA A DITJHELETE
a Afrika Borwa
Marius Greyling, Mophehisi ho
tsa Pula. Romella emeile ho
mariusg@mcgacc.co.za