Previous Page  13 / 16 Next Page
Information
Show Menu
Previous Page 13 / 16 Next Page
Page Background

MADE POSSIBLE BY

THE MAIZE TRUST

13

CATIONS KE ENG?

Menontsha ya semela e tshwerwe mobung wa lehlabathe, wa letsopa le

wa selokwe. Mobung o lokileng, o nang le tsohle tse hlokahalang, tsohle

di eme ka moo ho hlokahalang ka teng. Dimela di sebedisa menontsha

ena ha ho hlokahala nakong ya ho etsa mahaba hammoho le nakong ya

kgolo ya ho etsa peo.

Cations

ke dikarolwana tsa dikhemikhale tse leng positive (kga-

hlanong le

negative

), mme tsena di fumanwa ka nako tsohle mmoho

le dikhemikhale tse ding mobung. Dikarolwana tsena ke tse dulang

di ntse di tsamaya, mme di dula di ntse di arohana le ho kopana le

tse ding popehong ya mobu hammoho le saekeleng e rarahaneng ya

bophelo ba diphedi tse nyane.

Mebu e behwa tekong ho fumana hore e na le tse kae, e leng

calcium

(Ca), magnesium (Mg),

potassium

(K),

sodium

(Na),

ammo-

nium nitrogen

, le diminerale tse ding tsa bohlokwa. Menontsha ena

e fumanwang e le e

positive

e tsejwa ka hore ke metheho. E na le

charge

e le nngwe kapa tse pedi tse leng positive. Tse leng

negative

(–) tsona di bitswa ‘

anions

’.

Ha o nka dimagnete tse pedi tse nang le dikarolwana tse bitswang

leboya le borwa – ha o atametsa dikarolwana tsa leboya mmoho kapa

tsa borwa mmoho, dintlha tseno di a rahana le ho arohana hobane di

a tshwana. Hona ho bakwa ke matla a motlakase/kgohedi. Empa ha o

kopanya ntlha tse sa tshwaneng, e leng ya borwa le ya leboya, dinthla

tseno di a atamelana. Ka mokgwa o jwalo, menontsha ya semela, e leng

positive e tla atamelana ka matla le bokahodimo bo leng

negative

.

Bokahodimo bo leng negative bo fumanwa haholo dikarolwaneng

tsa manyolo a mobu.

Tekatekanyo ho ya ka Ngaka Albrecht le bafuputsi ba bang e ka

mokgwa o latelang:

Calcium

60% ho isa ho 70%,

magnesium

10% ho isa ho 20%,

potassium 2% ho isa ho 5%,

sodium

0,5% ho isa ho 3%, tse ding 5%.

Mehato ya esiti kapa ya pH ya mobu hammoho le lenaneo la kalaka ke

tsona tse tla laola haholo hore na tekatekano e boletsweng hodimo mona,

e leng ya menontsha, e fihlelletswe na. Tekatekanyo tse boletsweng hodi-

mo mona di bontshwa ke dilaboratori tse ngata, kapa di ka tsejwa ho ya ka

bongata bo bontshwang pehelong ya diteko tsa mobu. Bapisa diteko tsa

mobu wa hao le diteko tse lokelang ho fihlellwa hodimo mona. Bongata

hangata bo bontshwa ho ya ka dimilligramo tsa monontsha ka mong ho

ya ka kilogramo ka nngwe ya mobu.

Ka hoo, CEC ke tekanyetso ya ka moo mobu wa hao o leng motle

ka teng mabapi le ho tshwara menontsha ya semela. Tse ding tsa

dilaboratori di bontsha hona e le Bokgoni Kaofela ba Phapanyetsano.

Mobu o leng lehlabathe haholo, o na le manyolo a manyane haholo

kapa tse bolang tse nyane haholo, mme o tla bontsha tekanyetso e

tlase haholo ya ka moo mobu o nang le menontsha ya semela ka

teng. Mobu o nonneng ka tse bolang, wona o tla ba le tekanyetso e

phahameng ya ho tshwara menontsha ya semela.

QETELO

Sheba diphetho tsa diteko tsa hao tsa mobu, mme o bone ka moo

mobu wa hao o dumellanang ka teng le se lokelang ho fihlellwa. Ebe

he, o etsa diphetoho tse hlokahalang temong ya hao le manyolong a

hao mabapi le bokamoso bo tla tshwarella. Mosotho wa kgale o re,

Phokojwe ho phela e diretsana

”.