Previous Page  4 / 16 Next Page
Information
Show Menu
Previous Page 4 / 16 Next Page
Page Background

MADE POSSIBLE BY

THE MAIZE TRUST

4

N

AKONG ENA YA SELEMO BOHOLO BA TSE KEN-

NGWANG MOBUNG BO TSHWANETSE HORE BO

BE BO ENTSWE DIKAROLONG TSE KA BOTJHABE-

LA TSA NAHA. TSHEBEDISO YA DIBOLAYALEHO-

LA LE HO ALA MOBU KA HODIMO DI KA NNA HA

ETSWA MABATOWENG A BOHARENG A TLHAHISO, A KANG

FOREISETATA LE LEBOYA BOPHIRIMELA. TABA E NNGWE YA

BOHLOKWA KE HO SHEBA DIPHUNYAKUTU TSA TSA POONE.

Ho teng mefuta e fapaneng ya dikokwanyana mokgahlelong ona. Ka

baka lena, ikopanye le moemedi wa hao hore o be le bonnete ba hore

dikhemikhale tse nepahetseng di a sebediswa maemong ana.

Ho kopa thuso ha se letshwao la bofokodi empa ke la matla. Ho

jwalo le malwetseng a lehlaku la poone. Tshebediso e fosahetseng

ya dikhemikhale e ke ke ya laola malwetse, tahlehelo ya kuno e tla ba

teng, mme dikhemikhale tsona di tla nne di tlamehe ho sebediswa.

Ka hoo, bula mahlo.

Letshwao le leputswa la lehlaku, motwa wa baktheria le tshenyo ya

ho tjha ke letsatsi, ka nako tse ding di ferekanngwa ke leihlo le se nang

tsebo e ntle. Taolo ya mathata ana e fapane haholo, mme ka nako tse

ding ha e kgonahale.

App

ya mahala ya smartphone ya Pannar Seed,

ya

Sprout

ke mohlodi o motle wa lesedi le batsi. E fana ka kgutsufatso

le lesedi mabapi le malwetse a bohlokwa a fumanwang pooneng mona

Afrika Borwa. Hona ho fa sehwai kgonahalo mabapi le setsebi sa tsa

temo kapa moemedi wa tsa dikhemikhale mabapi le ho laola bolwetse

bo amehang ka nepo.

Pele a kena, malwetse a bohlokwa haholo a lehlaku pooneng a na

le ditlhoko tse ikgethileng ho ya ka maemo a tikoloho. Ho feta mona,

mohato wa kgolo ya semela o laola nako ya hore malwetse a itseng

a tla itlhahisa neng.

Malwetse a bohlokwa ka ho fetisisa, e leng a lehlaku, ao sehwai

se tshwanetseng ho a shebisisa ke a fumanwang

Theiboleng ya 1

.

BOLWETSE BA LEBOYA BA LEHLAKU KORONG

Bolwetse bo atileng haholo ba lehlaku, bo bang teng bakeng tse ngata

tsa mabatowa a tlhahiso ya poone Afrika Borwa ke Bolwetse ba Leboya

ba lehlaku Korong (mafoome a masweu).

Foto ya 1

. Maemo a tikoloho a

kgothaletsang bolwetse ke motjheso o mahareng (18°C - 27°C), maemo a

mongobo le serame sa nako e telele. Kwaekgwaba e iphelela masalleng

a mahlaku, mme keketseho ya ditshwaetso tse bang teng di tswela pele

nakong yohle ya sehla ka baka la ho lemala ho seng ho le teng.

Hangata dibaka tse lemetseng di lemohuwa pele mahlakung a ka

tlase, mme ha disele (

cells

) tse nyane di hlahella tlasa maemo a ma-

tle, mahlaku a ka hodimo a bontsha tshwaetso, mme ho bonahala eka

bolwetse bo ntse bo nyoloha le semela.

MAFOOME A TLWAELEHILENG (

COMMON RUST

)

Mafoome a tlwaelehileng (

Foto ya 2

) hangata a bonahala a kgetlo la pele

nakong ya sehla dimeleng tse nyane tsa poone. Maemo a tikoloho a

kgothaletsang bolwetse ke motjheso o mahareng (16°C - 25°C) le maemo

a leswe (>95%mongobo). Tshwaetso ya bolwetse bona e kgothaletswa

ke maemo a phoka/leswe – haholoholo nakong ya bosiu – haholoholo

nakong ya bosiu ha disele tse nyane bokahodimong ba mahlaku di mela,

mme di kenella lehlakung ka masobana a manyane a ho hema.

Matshwao a pele a bolwetse ba mafoome a tlwaelehileng a bonahala

e sa le pele , matsatsi a ka bang mahlano ka mora tshwaetso ya pele, e le

mahehefa a manyane hodima mahlaku, le dihlobana tsa mafoome (matsatsi

a 10 ho isa ho a 14) (Foto ya 2), ebe di a hola, di hlahisa disele. Disele ha di

lokolloha, di ka hasanngwa ke moya ho ya fihla hole. Disele tsena di bile di

ka tshwatsa hape sona semela se le seng nakong ya sehla se le seng.

MATHEBA A MAPUTSWA A LEHLAKU

Bolwetse bo bong ba lehlaku la poone ke ba matheba a maputswa a

lehlaku (

Foto ya 3

). Maemo a tikoloho a kgothaletsang bolwetse bona ke

motjheso o phahameng haholo le leswe le phahameng haholo (>95%).

Hlahl

o

ba

MALWETSE

A LEHLAKU

pooneng

Pietman Botha, Mophehisi ho

Pula Imvula. Romella e-meile

ho pietmanbotha@gmail.com

Bolwetse ba Leboya ba lehlaku korong.

1

Mafoome a tlwaelehileng.

2