Previous Page  10 / 16 Next Page
Information
Show Menu
Previous Page 10 / 16 Next Page
Page Background

MADE POSSIBLE BY

THE MAIZE TRUST

10

R

E ILE RA TLAMEHA HO SHEBA MONONO WA MOBU,

TSAMAISO YA DIJOTHOLLO LE PHAPANTSO YA

DIJOTHOLLO MOKGWENG WA TLHAHISO WA HO

BOPA MANYOLO, MENONTSHA YA SEHLOOHO

YA SEMELA MOBUNG WA LETSOPA LEO NANG LE

LEHLABATHE, WA SELOKWE, HONTSHETSA PELE DIPHEDI TSE

NYANE MOBUNG O RARAHANENG HAMMOHO LE TSHEBEDI-

SO YA MANYOLO DITABENG TSA RONA TSA PULA IMVULA E

FETILENG. LEKA HO SHEBA DITABA TSENA HO IKGOPOTSA LE

HO NTLAFATSA TSEBO YA HAO.

Ntlha ya bohlokwa dijothollong tse rekiswang ke ho tseba le ho utlwisisa

hore mohato wa pH kapa wa esiti ya mobu ke eng, e leng mefuteng e

fapaneng ya mobu polasing ya hao, ka ho e lekanya nakong ya ho etsa

diteko tsa mobu kapa pele ho moralo wa lenaneo le batsi la ho sebedisa

kalaka. Ha mobu o na le esiti e fetang tekano kapa o na le kalaka haholo,

mobu oo o lokela ho “lokiswa” ka metswako e fapaneng e kenyeletsang

kalaka ya calcitike kapa ya dolomite (

calcium carbonate

le

magnesium

carbonate

) ka tshebediso ya lenaneo le hlophisitsweng hantle la nako e

kgutshwane, e lekaneng, le ya nako e telele masimong ka ho latelana.

Ha eba mebu ya hao ya bokgoni bo phahameng, e tebileng haho-

lo e na le esiti haholo, mohlomong o tla be o lahlehelwa ke ho fihlella

kuno tse phahameng haholo dilemong tsa pula e ntle. Ka ho eketsa

ka tone kapa ho feta ka selemo nakong ya dilemo tse ngata ho ka tlisa

keketseho e kgolo ya tjhelete le ho tshwarella tabeng ya ditjhelete

dilemong tse tlang tsa ka moso. Ka boleng ba R2 500 tone ka nngwe

nakong ya dilemo tse hlano, hona ho ka etsa R12 500.

Ka ho dieha ka tlhophollo ya bothata ba esiti e ka bang teng ham-

moho le tshebediso ya lenaneo le hlophisitsweng hantle la kalaka ho ba

baka ditshenyehelo tse kgolo, haholoholo tlhahiso e kenyang tjhelete e

hloka dikuno tse phahameng. Ditjeho tse otlolohileng tsa poone ho ya

ka dikuno tse habilweng kapa bokgoni ba mobu di ka akaretsa R7 000 ho

isa ho 10 000 hekthara ka nngwe ya tlhahiso mobung o ommeng. Hona

ho bolela hore kuno ya ditone tse 2,8 ho isa ho tse 4 hekthara ka nngwe

e a hlokahala hore ho fihlellwe ditjeho tse otlolohileng tsa hekthara ka

nngwe. Kuno efe kapa efe e fetang mona e

tla ba e lebiswang ditjehong tsa hao tse tsitsi-

tseng, tse kang tefello ya dikadimo tseo o di

lefang le tsa kgiro/kadimo, motlakase jwalo ka

ha di bonahala mekgweng ya hao ya ditefello

le mananeo a mang. Taba ya bohlokwa ke ho

etsa tekanyetso ya bokgoni ba kuno ya hao ho

ya ka direkoto tse batsi tsa polasi ya hao. Di-

hwai tse ngata di etsa ditekanyetso tse fetang

dikuno tseo di felang di di fihlella nakong eo di

etsang tlhophollo ya tsohle tse kenang.

KUTLWISISO YA PH

pH e ka lekanngwa sesebedisweng sa metsi kapa

sa khemikhale se nang le metsi le khemikhale ya

1

Sejothollo

pH ya mobu

4,7

5

5,7

6,8

7,5

Kuno e ka bang teng (100 e ntle, 0 e mpe) sekala → tebello

Poone

34

73

83

100

85

Koro

68

78

89

100

99

Nawa soya

65

79

80

100

93

Habore

77

93

99

98

100

Lesere

2

9

42

100

100

Majwang

31

47

66

100

95

Kuno ya dijothollo mabapi le pH.

DITLAMORAO

tsa bosiyo

ba kalaka mobung wa esiti

Foto: Jenny Mathews

Richard McPherson, Mophehisi ho

tsa Pula Imvula. Romella emeile ho

richard@agrimetrix.co.za