Previous Page  5 / 16 Next Page
Information
Show Menu
Previous Page 5 / 16 Next Page
Page Background

MADE POSSIBLE BY

THE MAIZE TRUST

5

1

Bolwetse ba

lehlaku/matshwao

Mofuta

Mehato ya

kgolo

Maemo

Sebolaya-

kwaekgwaba

Taolo

Mafoome a tlwaele-

hileng (Foto ya 2)

Kwaekgwaba Mehato ya

morao ya V

(V8+)

Mofuthu o mahareng

(16°C - 25°C).

Ho jwalo

Dibolayakwaekgwaba le

Kgetho ya mefuta.

Bolwetse ba Leboya

ba lehlaku korong

(Foto ya 1)

Kwaekgwaba Mohato wa

6 - R

Mofuthu o mahareng

(18°C - 27°C); Nako e telele ya

phoka / Mongobo o phahameng.

Ho jwalo

Dibolayakwaekgwaba, kgetho ya

mabasetere, phapantsho ya dijothollo

le ho lemella masalla a dimela.

Dibato tse putswa

lehlakung

(Foto ya 3)

Kwaekgwaba Kwaekgwaba

ho tloha di-

paleseng

(VT - R1+)

Mahareng ho isa motjhesong

(22°C - 30°C); nako e telele ya

phoka/mongobo o phahameng

(>95%).

Ho jwalo

Dibolayakwaekgwaba, kgetho ya

mabasetere, phapantsho ya dijo-

thollo le ho lemella masalla

a dimela.

Bolwetse ba metwa

pooneng

(Foto ya 6)

Kokwana

V mehato Baka tsa motheso selemo sohle,

le maemo a kgothaletsang

malwetse (haholoholo baka tse

tjhesang tsa noserso).

Tjhe

Taolo ya diqhomelalehlaku (taolo ya

peo ka hare hammoho le ho fafatsa

le taolo ya mahola.

Metwa ya bakteria

(Foto ya 5)

Kokwana

Ho tloha

paleseng

(VT - R1+)

Baka tse mofuthu tsa nosetso.

Tjhe

Phapantsho ya dijothollo, masimo

a tlohetsweng le phediso ya masalla

a dijothollo.

Ho tjheswa ke letsatsi

(Foto ya 4)

Tikoloho

Mehato yohle Tshitiso motjheso/letsatsi.

Tjhe

Kgetho ya mabasetere le taolo ya

mongobo.

Phaeosphaeria

Matheba lehlakung

Kwaekgwa-

bale kokwana

R3+

Baka tse mongobo le masiu a

phodileng.

Tshebetso e

nyane

Hangata ha ho hlokahale, empa

kgetho ya mabasetere e fedisa

masalla a mela tse tshwaeditsweng.

Ho fetola tsatsi la ho jala e ka thusa.

Downy mildew

Kwaekgwaba Mehato ya

pele ya V

Baka tse leswe, tse futhumetseng

(tsa tropike), Haholoholo masi-

mong a bileng le bolwetse pele.

Motjheso wa mobu ka hodima

20°C o kgothaletsa bolwetse.

Ho jwalo

Phekolo ya mobu ka metalaxyl,

nako ya pelenyana ya ho jala masi-

mong a tshwaeditsweng, peo e ntle

ya boleng le ho qoba phapantsho

ya dijothollo ka mabele.

Diplodia (motwa

lehlakung)

Kwaekgwaba Mehato yohle Baka tse leswe tse futhume-

tseng le temo e nyane ya ho

phethola mobu.

Ho jwalo

Phapantsho ya dijothollo, mekgwa e

metle ya temo le temello ya masalla

a dimela.

Letheba la leihlo

Kwaekgwaba R3+

Maemo a phodileng, a leswe,

phetholo e nyane ya mobu,

dikokwanyana di ka ba teng,

sesedi le tse ding.

Ho jwalo

Phapantsho ya dijothollo, temello

ya masalla a semela le taolo ya

dikokwanyana.

Mafoome a Polysora Kwaekgwaba R3+

Baka tse futhumetseng

(24°C - 28°C), Maemo a lehodi-

mo a leswe.

Ho jwalo

Dibolayakwaekgwaba le pelenyana.

Malwetse ka kakaretso a fumanwang pooneng mona Afrika Borwa, diphedi tse bakang malwetse hammoho

le mehato ya kgolo moo a fumanwang hangata teng, hammoho le maqheka a ho a laola.

Matshwao a bolwetse a bonahala haholo nakong ya ho etsa dipalesa

– le hoja a ka nna a bonahala pelenyana haholoholo tlasa maemo a

phahameng a kgatello ya bolwetse. Bona ke bolwetse ba lehlaku bo

bonahalang haholo KwaZulu-Natal le botjhabela ba dibaka tse pha-

hameng tsa mohodi o mongata le/kapa mongobo o phahameng le

motjheso o mongata.

Taba e kang e fosahetse ke e reng disele tsa kwaekgwaba di tsa-

maiswa feela le ho jarwa ke moya le pula. Nnete ke hore disele di ka

tsamaiswa ke moya, empa tsena ke disele tsa tse ding tsa morao tse

ka tsamaiswang ho tloha ho jalweng ho hong ho ya ho ho hlahlamang

hamorao nakong ya sehla – mme hangata dibakeng tse kgutshwanyane.

Mohlodi wa bolwetse ke masalla a semela a selemo se fetileng

moo kwaekgwaba e tswang teng, mme hang ha maemo a boela a ba

matle sehleng se hlahlamang, disele di a lokollwa, e leng tse tla ama

mahlaku a tlase a dimela.

Dikarolwana tse lemetseng di hlahisa disele tse ntjha tseo ha sehla se

ntse se tswela pele, di lokollwang, mme di hasanngwang ke marothodi

a pula le moya ho ya mahlakung a matjha ho phahama jwalo le semela.

Letheba le leputswa la lehlaku hangata motho a ka nahana hore ke ho

tjheswa ke letsatsi kapa ho omella (

Foto ya 4

). Nnete ke hore tshenyo ya

komello e sitwa ho laolwa, mme taolo e sa hlokahaleng ya kwaekgwaba

e baka kgutlelomorao e kgolo ho sehwai. Ha ho bo bong ba malwetse a

lehlaku la kwaekgwaba bo boletsweng bo jarwang ke peo.

METWA YA KOKWANAHLOKO/BAKTHERIA LEHLAKUNG

Motwa wa kokwanahloko lehlakung (

Foto ya 5

) ke bolwetse bo bang teng

ka ho qolleha dibakeng tsa tlhahiso tse ka bophirimela, mme matshwao

ana a ferekanngwa le a maputswa a lehlaku. Bolwetse ba baktheria bo ke

ke ba laolwa ka dibolayakwaekgwaba, mme ho fafatsa e ka ba phoso e

kgolo e nang le ditshenyehelo – ntle le molemo wa letho.