Previous Page  12 / 16 Next Page
Information
Show Menu
Previous Page 12 / 16 Next Page
Page Background

MADE POSSIBLE BY

THE MAIZE TRUST

12

K

HOLOMO E NNGWE PEHELONG YA TEKO YA MOBU

E TENG E NANG LE SEHLOOHO SA CEC, E LENG

TEKANYETSO YA KA MOO MOBU O KGONANG HO

TSHWARAMENONTSHA YA BOHLOKWA YA SEMELA

KA TENG. HANGATA NTLHA ENA HA E ELWE HLOKO

HAHOLO KAPA HO UTLWISISWA. ENA KE NTLHA YA BOHLO-

KWA YA MEBU, MME E LOKELA HO ELWA HLOKO MABAPI LE

HO BEHA LEIHLO MONONONG WA MOBU, TSHEBETSO YA

KALAKA NAKONG YA DILEMO TSE THARO TSE FETILENG KAPA

HO FETA, MASALLA A DIMINERALE MOBUNG, HAMMOHO LE

MANYOLO SETSENG MOBUNG, HAMMOHO LE PHUMANTSHO

YA MANYOLO A SEBEDISITSWENG HAMMOHO LE MEHATO YA

MONONO WA MOBU KA KAKARETSO.

MEBU

Mebu e bopilwe ka dikarolwana tse nne tsa sehlooho – diminerale (matswai),

moya, metsi le tse bolang. Mobu o tlwaelehileng o bopilwe ka 45% ya dimi-

nerale, 25% ya metsi, 25% ya moya le tse bolang, e leng 2% ho isa ho 5%.

Karolwana ya matswai e na le dithollo tsa mefuta e meraro, e leng lehlabathe,

selokwe kapa letsopa. Karolwana tsa boemedi tsa tsena tse tharo ke tsona

tse sebediswang ho tseba hore na mobu ke wa lehlabathe, wa lehlabathe

le selokwe, selokwe se lehlabathe, selokwe se thumisehileng sa lehlabathe,

selokwe, selokwe se hohotsweng ke metsi, selokwe se thumisehileng, selo-

kwe se letsopa, selokwe se letsopa hammoho le letsopa.

DIPHEDI MOBUNG

Popehong e rarahaneng, e bontshitsweng hodimo mona, mobu o na

le diphedi tse ngata tse fapaneng, tse kenyeletsang dimela tse nyane

haholo, mefuta ya dibaktheria, hlobo, mofuta wa diphedi, diphedi

tsa mofuta o monyane haholo, diboko tsa mofuta wa roundworms,

dikokwanyana, diboko le metso ya dimela. Bongata ba tsena kaofela

mobung o ka hodimo wa dimilimithara tse 175 e ka ba dikilograma

tse 7 000 hekthara ka nngwe. Ka hoo, mobu ke tikoloho e phelang,

moo re jalang dijothollo tsa rona ka manyolo a dikhemikhale.

MANYOLO LE TSE BOLANG

Tse bolang ke karolo ya mobu, e nang le diphedi tse ntseng di phela ka

hodima mobu, tseo e bileng masalla a phelang a dimela a sejothollo sa

nako e fetileng kapa jwang mehatong e fapaneng ya ho bola. Manyolo

ke ketane e telele, e rarahaneng ya dikarolwana tse nyane haholo, tse ka

bonwang feela ka kgalase ya microscope. Hona ho tswa mohatong wa ho

qetela wa ho bola. Manyolo ke dikarolwana tse sootho kapa tse putswa,

mme tsena di ka bonwa di hlahella mobung ka mora ho phethola ho ho-

nyane mokgweng wa temo e nyane kapa mokgweng wa temo ya paballo

ya mobu le wa paballo ya mobu.

Sheba mobu o ileng wa sebediswa hampe ka mokgwa wa temo ka

tetse, moo ho seng masallla a letho a dimela, moo tse bolang di fokolang

haholo, mme o bapise hona le masimo a haufi moo ho sebedisitsweng

mokgwa wa paballo ya mobu. Bapisa mebu ena e mmedi ka ho tjheka me-

koti ya ho hlahloba dikarolwana tsa fapaneng tsa mefuta ya mobu (

profile

holes

). Makgapetla a bontshang dikarolwana tsa mehato ya manyolo a a

bonahala. Hopola hore ho nka dilemo tse ngata mokgweng wa paballo ya

mobu hore ho fihlellwe dikarolo tseo manyolo a fumanwang ho tsona ka

nako tsohle. Mobu o nang le 4% ya tse bolang, hammoho le manyolo, o

ka fa sejothollo ka ho ka fihlang ho dikilograma tse 200 tsa nitrogene. Ke

paballo e kae ya manyolo e ka tliswang ke Nitrogene?

Ha o ka bala dipampiri tse ngotsweng ke Ngaka William Albrecht

mabapi le mefuta ya mebu, hona ho tla fana ka lesedi le batsi, mme

ho tla thusa tsebong ya hao ya ka moo mebu e ntlafatswang ka teng

masimong a hao. Mefuta ya mobu le tlhokomelo ya yona, e fela e le

taba e rarahaneng haholo.

CEC ya teko ya

MOBU E BOLELA eng?

Richard McPherson, Mophehisi ho

tsa Pula Imvula. Romella emeile ho

richard@agrimetrix.co.za