Previous Page  7 / 16 Next Page
Information
Show Menu
Previous Page 7 / 16 Next Page
Page Background

MADE POSSIBLE BY

THE MAIZE TRUST

7

D

IHWAI DI TLASA KGATELLO E BOIMA YA DITJEHO

KA BAKA LA KEKETSEHO YA DITHEKO TSA TSE

KENNGWANG MOBUNG MMOHO LE TSA MEPUTSO

E TLASETLASE. TSENA DI KA HLOLWA FEELA KE

HO EKETSA TLHAHISO. DITABENG TSA RONA TSE

FETILENG RE ILE RA BUA KA MEKGWA E MENG YA HO EKETSA

TJHELETE E KENANG LE/KAPA HO FOKOTSA DITJEHO HORE

PHAELLO E NNE E BE TENG.

Tabakgolo ke hore dihwai di tlamehile ho leka ho eketsa temo ya tsona le/

kapa di nne di tshwarelle phaellong ya nako e telele. Ka baka lena, ho a hloka-

hala ho leka hore phaello e nne e be teng e tswang mahlakoreng a fapaneng.

Tabeng tsena re tla tsepamisa maikutlo ho basebeletsi ba kgwebo

hammoho le kamano ya bona le mohiri wa bona, e leng ho tsejwang

e le dikamano tsa mosebetsi. Kgatello ya ditjhelete e qobella beng ba

mosebetsi kapa bomanejara ba kgwebo ho sheba basebeletsi ba bona

ka ihlo le leng. Ditjeho ka baka la basebeletsi di se di phahame haholo,

mme matsatsing ana ke tse ding tsa ditjeho tse phahameng tsa kgwebo.

Tlhahiso polasing e amana le palo ya basebeletsi ba etsang mose-

betsi, nako e nkuwang ho etsa mosebetsi, nako ya ho etsa mosebetsi

hammoho le sephetho sa boiteko ba mosebeletsi. Ha basebeletsi ba etsa

mosebetsi hantle, ba boloka nako/kapa ho sebedisa mehlodi hantle mmo-

ho le diphetho tse ntlenyana. Qetello ya hona ke ho theoha ha ditjeho le/

kapa makeno a matle a tjhelete.

KE NTLAFATSA TLHAHISO JWANG?

Hore mosebetsi o etswe, batho ba kenya letsoho, mme ba sebedisa me-

hlodi e meng (dithuluse le disebediswa), mme ka baka lena,

mosebetsi =

batho x disebediswa

. Ka baka lena, batho ke karolo ya mohlokwa ya ho

etsa mosebetsi, mme maikutlo a bona ke taba ya bohlokwa. Metheho e

lokelang ho tshohlwa e ama bohle hammoho le wena ya nang le mosebe-

letsi a le mong kapa ba bangata.

Matsatsing a kgale beng ba mosebetsi ba ne ba sa lemohe bohlokwa

ba maikutlo kapa tjhadimo ya basebeletsi tabeng ya tlhahiso. Ka kakaretso

ho ne ho nahanwa hore basebeletsi ha ba rate ho sebetsa, mme ka baka

lena ba tshwanetse ho qobellwa ho sebetsa, mme ba ne ba kgahlapetswa

hore ba etse mosebetsi. Qetello e ne e ba dikamano tse fokolang mosebe-

tsing. Boemo bo bile bobe hoo mmuso o bileng wa kena dipakeng ka mo-

lao o laolang dikamano tsena. Mona Afrika Borwa re na le melao e mengata

ya basebeletsi e kenyeleditseng Molao wa Dikamano Mosebetsing. Ka ho

ikobela ditaelo tsa melao, beng ba mosebetsi ba se ba ntse ba lokisa le ho

ntlafatsa taba ya dikamano mesebetsing. Le ha ho le jwalo, ho sa na le tse

ngata mabapi le ho lokisa dikamano tse ntle pakeng tsa batho ho feta taba

tseo ho buuwang ka tsona molaong.

Ho se ho ile ha tlalehwa haholo hore boitshwaro ba basebeletsi bo

na le tshwaetso e kgolo tlhahisong. Dikamano tsa basebeletsi ke taba

ya bohlokwa ya thabo mosebetsing le seabo sa mosebeletsi. Tshwaro

e mpe ya basebeletsi e baka maikutlo a mabe pakeng tsa basebeletsi

le beng ba mosebetsi. Basebeletsi ba nang le maikutlo a mabe ke ba

sebetsang butle le ka monyebe, mosebetsi e le o bohlaswa, ba robe

disebediswa tseo ba sebetsang ka tsona hammoho le tse ding, le nako

ya ho fihla mosebetsing e be e ka mora nako, ba nke matsatsi a sa hloka-

haleng a ho kula, le tse ding tse jwalo. Tsena kaofela ke tse sitisang

mosebetsi, mme di kgannela tlhahisong e fokolang.

Ha basebeletsi ba na le tjheseho ya mosebetsi, mme ba laolwa ka

nepo, ba tla ba le maikutlo a matle mosebetsing wa bona, ba sebetse

ka boinehelo le boikarabelo le botshepehi. Sephetho – tlhahiso e ntlafe-

tseng. Phephetso e shebaneng le beng ba mosebetsi ke mokgwa wa

ho tshwara basebeletsi hore ba be le tjheseho e matla ya tlhahiso. Ho

sebetsa ka batho e ka nna ya ba ntho e thata hobane batho re fapana ka

ditlwaelo tsa rona, maikutlo, bokgoni, boitshwaro le diketso.

Ka bokgutshwanyane, o tlamehile ho tshwara basebeletsi ba leng tlasa

hao jwalo ka batho, le jwalo ka ha wena o tla lakatsa hore manejara a o

tshware jwalo ka motho. Tshwara basebeletsi ba hao ka tlhompho le seriti,

mme o hloke leeme maemong ohle, o ele hloko boiteko ba bona, o ba fe

boikarabelo, o ba kwetlise ka nepo, mme o ba phaphathe mahetla ha ba

entse hantle. Buisana le basebeletsi kgafetsa mabapi le ponelopele ya hao,

le sepheo sa kgwebo le seabo sa bona hore tsena kaofela di fihlellwe. O se

lebale ho buisana le basebeletsi mabapi le tshebetso ya bona, mme o fane

ka kananelo le teboho ha eba ho hlokahala mabapi le mosebetsi o motle

o entsweng. O se ke wa ba le puo tse mpe ka basebeletsi ba hao. Empa

hape, tiisa letsoho ho seo o se lebelletseng ho bona. Ha eba mosebeletsi a

tlotse molao o itseng, nka mehato e hlokahalang ho ya ka mehato ya kotlo.

Tabeng ena, sebetsana le bona ntle le leeme, le ka molao.

Mona moo re bolelang hore o tshware basebeletsi ba hao jwalo ka

batho, ha re bolele hore jwale o ba etse metswalle ya hao eo le ntshanang

se inong, tjhe!

Hore tlhahiso e phahameng e fihlellwe, le maemo a phahameng a kgwe-

bo, o tlamehile ho ba le basebeletsi ba inehetseng ka hohlehohle, ba nang

le tjheseho. Ho fihlella sena, o tshwanetse ho sheba mokgwa oo o kgethang

kapa o hirang batho ka teng. Eba le bonnete ba hore o tseba dineo tseo o

di batlang ho batho Na o na le tlhophollo e nepahetseng ya mosebetsi? Na

o na le kwetliso e etswang ka tlung, eo o e fang basebeletsi ba hao? Na o

tseba matla le bofokodi ba mosebeletsi e mong le e mong, na o ba sebedisa

ho ya ka tsona? Taba ke ena, o tla kgona ho laola basebetsi ba hao jwang

ha eba o sa tsebe tseo e mong le e mong a nang le tsona? Hore motho e be

mosebeletsi ya matla, motho eo o tlamehile ho ba le tjheseho le maikutlo a

matle, hammoho le boitsebelo le bokgoni bo hlokahalang.

Laola basebeletsi ba hao ka bohlale ho eketsa tlhahiso e tla eketsa

phaello. Tlhahiso e phahameng e ka thusa ho fokotsa ditjeho le/kapa ho

eketsa tjhelete e kenang, e leng tse tla kenya phaello e ntlenyana, e leng tse

tla ba molemong wa bohle ba nang le seabo kgwebong – monga mose-

betsi le bona basebeletsi.

Re habile

basebeletsi

ba

mafolofolo

Marius Greyling, Mophehisi ho

tsa Pula. Romella emeile ho

mariusg@mcgacc.co.za

Dikamano tse ntle le basebeletsi ba hao di eketsa

tlhahiso le tsona diphaello tsa hao.