Previous Page  11 / 16 Next Page
Information
Show Menu
Previous Page 11 / 16 Next Page
Page Background

MADE POSSIBLE BY

THE MAIZE TRUST

11

calcium chloride. Eba le bonnete ba seo o se

sebedisang. Ho nama ha pH le kgolo e habi-

lweng ya semela le pH (CaCl

2

) ho bontshwa

Setshwantshong sa 1

.

Theibole ya 1

e fana ka setshwantsho

sa kuno e ka kgonahalang mabapi le pH ya

mobu e habilweng. Mohlala, ha eba o jala

poone masimong a nang le pH ya 4,7 papi-

song le pH ya ya 6,8 o ka nna wa fumana feela 34% tsa kuno e pha-

hameng ka ho fetisisa e ka kgonahalang mobung oo. Mebung e leng

esiti haholo ya KwaZulu-Natal dikuno di ile tsa phahama ho tloha ho

ditone tse 2,5 hekthara ka nngwe ho isa ho tse 8 hekthara ka nngwe,

e leng ka ho nepahatsa pH ya mobu ka lenaneo la nako e telele la ho

kenya kalaka. Hona ho ka nna ha ha hloka tshebediso ya makgetlo a

mangatanyana a ho ka etsang ditone tse hlano ho isa ho tse supileng

tsa caltic kapa kalaka ya dolomite. Kalaka ya Dolomiti e nang le mag-

nesium e kgothaletswa nakong eo ratio kapa tekanyetso ya calcium

le magnesium e hlokang ho lokiswa le yona.

Tsena ka kakaretso ke ditshekamelo. Sehwai ka seng se tla ba le

maikutlo a sona ka tshebediso ya sona le diphetho tsa tshebediso ya

kalaka mobung wa sona nakong ya dilemo tse ngata. Ka kakaretso

re ka re tshebediso e itseng ya kalaka e sebetsa ka mokgwa wa yona

tharahanong ya mobu nakong e ka etsang dihla tse tharo ho hlahisa

phetoho e itseng mabapi le pH e habilweng. Diteko tsa sehla masi-

mong a hao di tla bontsha kgatelopele e lebisang ho pH e lokileng ya

6,8. Kuno e eketsehang ya sejothollo le yona e tla bontsha tshebetso

e bonahalang ya lenaneo la kalaka le sebediswang.

Ha o sheba se bitswang CEC, teko ya mobu wa hao e ka nna ya

bontsha bongata ba esiti ba diperesente tse 30 ho isa ho tse 40, e leng

mobu o esiti haholo. Ka puo e bonolo hona ho bolela hore diperesente

tse 30 ho isa ho tse 40 tsa sebaka se mahareng sa ho tshwara meno-

ntsha ya bohlokwa kang

potassium, sulphur

, le

calcium

di nkuwa ke

ions tsa hydrogen. Ka hoo, mobu o sitwa ho tshwara kapa ho bolo-

ka menontsha e hlokahalang le ho fa dijothollo bokgoni ba ho fihlella

dikuno tse phahameng ka ho fetisisa. Tshebediso ya kalaka e tla ntlafa-

tsa bokgoni ba mobu ho tshwara menontsha e ka fihlellwang ke dimela

nakong ya mohato ya ho etsa mahaba le peo.

MOKGWA WA HO LOKISA MOBU

Mokgwa o phethahetseng wa ho lokisa mobu o ka nna wa kenyeletsa

tshebediso ya kalaka ya calcitic kapa dolomitic ho ntlafatsa pH, gypsum

ho etsa tekatekano ya sulphur, MAP ho ntlafatsa boemo ba phosphate le

KCL ho nepahatsa boemo ba potassium. Ha e sebediswa ke rakonteraka,

tshebetso ena e ka nna ya ja pakeng tsa R1 850 le R2 500 hekthara ka

nngwe. Hona ho ka nna ha ba hole haholo ho tse ding tsa dihwai, mme

mobu o habilweng o ka nna wa etswa nakong ya dilemo tse ngata.

Ha re sheba taba ya kalaka feela, ditjeho tsa tsamaiso ho ya ka

bohole ba polasi ya sehwai ho tloha mohloding wa kalaka e ka nna

ya ba pakeng tsa R600 le R700 tone ka nngwe, mme tshebediso e

ka ja ditjeho tsa R200 hekthara ka nngwe ha ho sebediswa borako-

nteraka. Dihwai tsa KwaZulu-Natal ka kakaretso di sebedisa kalaka e

le disebediswa tsa tsona.

Sebetsa ditjheho tsa hao tsa lenaneo la kalaka, hammoho le se-

tsebi sa hao, mme o bapise ditjheho papisong le phaello eo o tla e

fumana dikunong tse eketsehileng nakong ya dihla tse mmalwa tse

fetileng. Qala ka mebu ya bokgoni bo phahameng haholo, mme o

ikemisetse ho lokisa masimo a mang le a mang nakong ya dilemo tse

mmalwa hore o namalatse le ho pharalatsa ditjeho tsa ditjhelete le

dikotsi tse ka shebanang le kgwebo ya hao ya temo.

QETELO

Ditsebi tse nang le boiphihlelo, ditsebi tsa mobu, baemedi ba tsa

manyolo, barekisi hammoho le ditsebi tse ding, kaofela ke batho ba

dumellanang hore ‘kalaka e fela e sebetsa’ ruri. Empa sheba hore o

tla angwa jwang ke taba ya tjhelete le kotsi ya ho kena lenaneong

le phethahetseng la tshebediso ya kalaka. Etsa hona ka tatelano e

ntle masimong a mang le a mang a nang le bokgoni bo phahameng.

Dihwai tse kgonang ho thuswa ka tshehetso ya ditjhelete di tshwane-

tse ho sebedisa monyetla o mong le o mong o leng teng, le hona

kapele ka moo ho kgonahalang ka teng, ho ala kalaka e le mohato

wa ho simolla ho ya fihla mobung o nepahetseng o tla tlisa kuno tse

phahameng ka moso.

1

Mobu wa pH ya 5,2 ho isa ho 8,0 o fana ka maemo a phahameng

mabapi le boholo ba dijothollo tsa temo tse rekiswang.

Ho fafatsa kalaka.

Foto: Jenny Mathews

Ho etsa leqheka – ho fafatsa kalaka ka sealamanyolo.

Foto: Jenny Mathews