Previous Page  6 / 16 Next Page
Information
Show Menu
Previous Page 6 / 16 Next Page
Page Background

MADE POSSIBLE BY

THE MAIZE TRUST

6

Hlahloba malwetse a...

Matheba a maputswa lehlakung.

3

Metwa ya kokwana/baktheria lehlakung.

5

Bolwetse ba metwa pooneng.

6

Ho tjheswa ke letsatsi/matshwao a ho kgineha mahlakung a poone.

4

BOLWETSE BA METWA POONENG

Bolwetse ba metwa pooneng (

Foto ya 6

) bo bakwa ke kokwanahloko

ya metwa ya poone. Ke bolwetse bo rarahaneng, moo kokwanahloko

e fetiswang/tsamaiswang ke ditsienyana tsa diqhomela mahlakung.

Maemo a tikoloho a ama ketsahalo ena, ho phela le ho ata ha ditsienyana

tsena – e leng ho laolang boteng le matla a bolwetse bona.

Kokwanahloko ya metwa pooneng e sitwa ho laolwa ka sebolaya-

kwaekgwaba. Phekolo e kenyeletsa mehato ya phokotso kapa ho kginwa

ha kotsi ya bolwetse. Le hoja meriana ya ho bolaya dikokwanyana e le

matla, mme e thibela ditsienyana tsa diqhomela-mahlakung ho ja dimela

tse nyane le ho fetisetsa kwaekgwaba, ha ho tiisetso kapa tharollo ya ka-

pele mabapi le bolwetse bona.

QETELO

Ho teng malwetse a mang a fapaneng a lehlaku ao re sa buang ka ona

ditabeng tsa kajeno hobane a sa ata haholo kapa a tshoha a iponaha-

ditse. Le ha ho le jwalo, hona ha ho bolele hore malwetse ana a ke

ke a baka tshenyo e kgolo maemong a nepahetseng. Hore ho nkuwe

mehato nako e sa ntse e le teng, bohlale ke ho ikopanya le mehladi

e nepahetseng kapa setsebi hang ha ho bonahala matshwao a belae-

tsang. Wena, dula o le malala-a-laotswe!