Previous Page  15 / 16 Next Page
Information
Show Menu
Previous Page 15 / 16 Next Page
Page Background

MADE POSSIBLE BY

THE MAIZE TRUST

15

Success isn’t always about greatness.

It’s about consistency. Consistent hard work

leads to success. Greatness will come.

~ DWAYNE “THE ROCK” JOHNSON

W

ORDS OF

ISDOM

Moralo wa tshebetso o tshwanetse ho ba teng

kelellong ya sehwai se seng le se seng mabapi

le ka moo se tla sebetsana ka teng le maemo

a sa tlwaelehang, a ntseng a fetofetoha.

K

A PUO E TLWAELEHILENG, MOEDI KE SERATSWANA

NTLHENG YA HO KENA MOAHONG KAPA PHAPO-

SING YA NTLO – HAMOTHO A KENA NTLONG O FETA

MOEDING ONA. HONA HO KA NNA HA BOLELA NAKO

E ITSENG, MOHLALA, PHIRIMANENG YA HO KGAOHA

HA SELEMO KA NAKO YA 12H00 BOSIU HA RE EMA MOEDING

WA HO KGAOHA HA SELEMO SA KGALE, MME RE KENA HO

SE SETJHA, KAPA HA KGAREBE E NYALWA, MME RE RE E EME

MOEDING KAPA KOSENENG YA BOPHELO BO BOTJHA BA LE-

NYALO LE MONNA WA YONA.

Ka mokgwa o jwalo, re ka sheba khalendara ya sehwai, mme ra lemoha

dinako tse ikgethileng tsa sehla, tseo re ka di bitsang meedi. Sehwai se

nang le boiphihlelo se tseba haholo ka meedi ena, empa sehwai se setjha,

se ntseng se thuthuha, sona se tlamehile ho ithuta haholwanyane ka

meedi temong, e leng moo haholoholo se tlamehileng ho ithuta ho botsa

ka meedi ya lebatowa la sona, e leng tsebo e fumanwang ho dihwai tsa

kgale tse seng di na le tsebo le boiphihlelo ba tse ngata temong. Tsebo

ya dinako le matsatsi a meedi mabapi le sejothollo ka seng ke ntlha ya

bohlokwa tshebetsong ya sehwai sa sebele!

Jwale tabakgolo ke hore meedi ena eo sehwai se tlamehileng ho

e tseba ke efe? Ho teng meedi ya dinako tse nepahetseng tsa ho jala,

ho laola mahola, dikokwanyana le ho kotula. Ditabeng tsa kajeno re

shebana le mmedi mabapi le ho jala.

NAKO TSE NTLE TSA HO JALA

Qholotso e kgolo e shebaneng le dihwai tse ntseng di thuthuha ke ho fu-

mana tjhelete ya ho reka tse kenngwang mobung nakong e nepahetseng.

Dihwai di tlamehile ho sebetsa ka matla e sa le pele, ho bokella moralo o

motle wa kgwebo hore se ilo etsa eng jwang, mme moralo ona o lokela ho

tekwa ka pela ba thusang kapa ba adimisanang ka ditjhelete. Re se re ile ra

bona moo dihwai di ileng tsa thonngwa e le tse hlotseng projekeng e itseng

– empa tjhelete eo di neng di e lebelletse ha e ka ya lokollelwa sehwai, kapa

e fihlile matsohong a sehwai nako e se e ile haholo, kapa tse kenngwang

mobung di fihlile ho sehwai ka mora nako e telele, mme hona ke boemo bo

sitisang sehwai ho sebetsa ka matla le ka nako e nepahetseng masimong

a sona, mme qetellong se sitwa ho kenya lehetla nakong tse nepahetseng

tsa ho jala.

Boemo bona bo kgathatsa matla haholo hobane sejothollo se ba ka

mosing ka baka la ho dieha ho jalwa, mme hona ho baka mathata kunong

e tla fumanwa hamorao. Hara tse ding, boikarabelo bo bong ba sehlopha

sa Ntshetsopele ya Sehwai sa Grain SA ke ho hohela le ho ruta bohle ba

amehang temong ka bohlokwa ba meedi ya nako tsa ho jala, e leng tse tla

kgannela katlehong ya dijothollo.

Dikgwedi tsa mofuthu

Re a tseba hore poone ke sejothollo sa nako yamofuthu. Poone e hloka palo ya

tiisitsweng ya di-unite tsa motjheso hore e kgone ho hola le ho atleha. Motjhe-

so o nepahetseng ke o pakeng tsa 10°C ho isa ho 15°Cmabapi le ho jala poone

ya hao. Ka hoo, ha ho thuse letho ho jala poone e sa le pele haholo.

Sephiri ke ho emela nako ya sehla hore mofuthu o tsetse, ebe o sa

fetoheng. Hona ho tiisa hore dimela tse nyane di tla mela le ho hola ka

ho lekana. Ha eba dipula di o qobella ho jala nakong ya morao, taba ya

bohlokwa ke ho tseba hore o tlamehile ho jala mofuta o tla hola kapele,

kapa ho seng jwalo, o mpe o tlohele ho jala ho hang, o mpe o jale mo-

futa o mong wa sejothollo o holang nakong e kgutshwanyane. Dibeke

tse tharo tsa pele ka mora ho jala ke tse hlokolosi katlehong ya sejo-

thollo, mme hape le maemo a leng teng a tla ba le tshwaetso bokgoning

ba sejothollo.

Tseba meedi ya ho

jala dihleng tsa kgolo

Jenny Mathews, Mophehisi ho tsa

Pula Imvula. Romella emeile ho

jennymathews@grainsa.co.za