MADE POSSIBLE BY
THE MAIZE TRUST
2
L
ENTSWE
L
A…
Jannie de Villiers
S
EHLA SENA SE FETILENG E BILE SA SELEMO SE
SETLETEMONGMONAAFRIKABORWA. DIJOTHOL-
LO DI BILE NTLE, LE HOJA PULA E DIEHILE HO NA.
TJHEBELOPELE YA SEHLA SE SETJHA HAJWALE
E TSHEPISA HAHOLO. MOO DIHWAI TSE NTJHA
DI KOPANANG LE MATHATA KE TABENG YA DITJHELETE TSA
TLHAHISO. KOTSI MABAPI LE DIBANKA TSA KGWEBO MABAPI
LE TSHEHETSO YA DITJHELETE KE TABA E KGATHATSANG
MATLA. HA EBA HO SE LETHO LE ILO FETOHA, RE TLA SITWA
HO BONA KGOLO YA LETHO LEFAPHENG LENA LA TEMO.
Mohlomong ena ke nako ya ho shebisisa Molao wa Kadimo ya ditjhelete
hore monyetla o be teng melawaneng mabapi le tlhahiso ya dijo. Re boetse
re kopana le komello tabeng ya diprojeke tsa mmuso. Ditjhelete tsona di
teng, empa hobaneng dintho di dieha haholo hakana selemo le selemo ke
taba eo re sitwang ho e utlwisisa le hajwale. Mathata a shebaneng le Banka
ya Naha ke ao re sitwang ho a utlwisisa. Ona ke mokgatlo wa mmuso, o
lokelang ho sebetsa hantle ha eba ntshetsopele e fela e le thomo ya wona.
Ke taba eo ke e fumanang e le thata haholo hore ebe mmuso o shebile taba
ya ho qaolla SAA mathateng a yona, empa o sa re letho ka Banka ya Naha.
Empa, le ha dihwai tsa dijothollo di sa thuswe ka ditjhelete, empa ke
tsona tse hlahisang ditonetone tse ntseng di eketseha selemo le selemo.
Mamello e etsang hore dihwai tsa Afrika Bowa di tsebahale ka lefatshe
lohle, e ntse e bonahala le ho dihwai tse ntjha, tse ntseng di hlaha. ‘
Sehwai
se etsa leqheka
’ ke ntho e bohanalang ho sehwai se seng le se seng, ho sa
tsotellehe boholo ba polasi ya sona. Lenaneo la Ntshetsopele ya Sehwai
la Grain SA le saenetse ditumellano tse ntjha le bathusi, e leng ba tshe-
hetsang dihwai tsa rona ka ditjhelete. Tse ding tsa ditumellano tsena e se
e le tsa dilemo tse fetang tse nne di bile teng. Hona ho kgothatsa haholo.
Dihwai tse ding tse mananeong ana a laolwang ke Grain SA di sebeditse
hantle haholo, mme bathusi ba ditjhelete ba kgothaditswe ke ditholwana
tse bonahalang.
Qetellong, Grain SA e entse matsete a matjha mabapi le ntshe-
tsopele ya temo. Re thehile khamphane e ntjha: Phahama Grain Phaka-
ma. Khamphane ena e tla tsepamisa maikutlo tabeng ya ntshetsopele ya
dihwai, mme e tla etellwa pele ke baetapele ba Grain SA le ho ba tlasa
tsamaisong ya basebeletsi ba Grain SA.
Ke rata ho le lakaletsa kotulo e ntle ya lemo sa 2021. Mekotla e be
disabusabu! Eka Morena Modimo a ka re fa dipula tse ntle, jwalo ka
ha a ile a re fa mora wa Hae a le mong. Eka re ka hola, mme ra hlahisa
kuno e ntle ho kgutleng ha hae ka tsatsi le leng. Keresemese e monate
ya thabo hammoho le selemo se setjha se hlokang COVID-19.
Phetoho ke tlameho...
empa wena ... o na le boikgethelo ba ho phela ka mokgwa o kgahlang
maphelo a lona, e leng ka ho phela hantle.’ Ntate a kgutsa, empa tsatsing
le hlahlamang a ya ngakeng e ilo hlola hore na ditsebe tsa hae di ntse di
utlwa hantle, a kgetha letsatsi la ho ya hlahlojwa ke ngaka. A etsa qeto ya
ho se emele hore a tsebiswe ka mohala hore a tle ngakeng neng, empa a
ikemisetsa ho founela e mong wa bohlokwa tsatsi le leng le le leng hore
a nne a kgeme le dinako ... mme a fela a etsa jwalo!
Bekeng e hlahlamang a nka sekotwana sa fenetjhara ya kgale, a
qalella ho e hohla ka pampiri e kgorofo, mme ka mora nakwana ya fe-
toha, ya tshwana le e ntjha – hoo bana kaofela ba neng ba botsa hore na
ba ka e nka na. Hona ha etsa hore tse ngata di etsahale. Monnamoholo
a qalella ho ya moo ho rekiswang difanitjhara tsa kgale, tseo a ileng a di
ntjhafatsa, tsa ba ntle, mme a di fa batho ba bang e le mpho. Hanghang
matsatsi a hae a tlala thabo, mme yena a tshwarahana le mosebetsi ona,
a tlala thabo. Hanghang matsatsi a hae a tlala thabo. Matsatsing a ho
hlomoha ha hae le ya ho kginwa ha metsamao, ho ne ho se seo a ka se
etsang, ho se motho eo a ka buang le yena, mme a qalella ho etsa diba-
padiwa tse ntle tsa bana ka mapolanka. Dilemong tsa hae tsa 86 o ntse a
ithuta tse ngata tse ntle letsatsi le letsatsi. Ntate o fetohile. Ho monate ho
ba mmoho le yena, mme o ntse a hasanya neo ya hae e ikgethileng ya
lerato le ho hlokomela ba bang. Ka mehla o ntse a hopola mofumahadi
wa hae – empa o phela hantle, mme ke kgothatso ho ditloholwana tsa
hae tse ratang ho bapala ka makoloi le dimmotokara tseo a di etsang! Ha
ho tswelopele e ka bang teng ntle le phetoho; mme bao ba sitwang ho
fetola dikelello tsa bona ba ke ke ba fetola eng kapa eng!
‘EMPA RE NNILE RA E ETSA TJENA!’
Hona ho tshwanetse ho ba a mang a mantswe a kotsi bophelong.
Tse ding tsa ditsela tsa kgale di ntle empa motho o tshwanetse ho
hlahlobisisa melemo ya mekgwa e nnileng ya sebediswa nakong e
fetileng, le ho fumana hore na ha ho mekgwa e meng e metjha e
fapaneng kapa e molemo ho feta eo na. Ho iphetola kapa ho fetola
meralo ya hao ke phephetso, empa ha o ikemisetsa ho fetoha le ho
ikamahanya le mekgwa e metjha, ho bolela hore o ikemiseditse ho
etsa eng kapa eng e ntjha mabapi le bokamoso bo botle. Phetoho e
a hlokahala, mme ka nako tse ding re tshwanela ho ema hanyane le
ho hlahloba maphelo a rona le dikgwebo tsa rona, le sepheo sa rona
hammoho le tseo re di hahamallang. Re tshwanetse ho ipotsa seo re
tshwanetseng ho se nahana mabapi le taba ya ho fetoha. Winston
Churchill o kile a re: ‘Ho intlafatsa ke ho fetoha; ho phethahala ke ho
fetoha kgafetsa!’
TLHAHISO YA TSHEBETSO
Nnete ya motheho tsamaisong ya kgwebo e re: ‘Mehlodi yohle ya batho le
ya thepa e tlamehile ho sebediswa ka mokgwa o nepahetseng le nakong e
nepahetseng tlhahisong ya dihlahiswa tsa boleng bo phahameng ka ditjeho
Mehlodi yohle ya batho le ya thepa e tlamehile ho
sebediswa ka mokgwa o nepahetseng le nakong
e nepahetseng tlhahisong ya dihlahiswa tsa
boleng bo phahameng ka ditjeho tse tlase.