Previous Page  3 / 16 Next Page
Information
Show Menu
Previous Page 3 / 16 Next Page
Page Background

MADE POSSIBLE BY

THE MAIZE TRUST

3

tse tlase’. Hona ho bolela ho kgema mmoho le dinako le ho etsa diphetoho

nako e sa le teng, mohlala, re tlamehile ho aha sesiu sa dijo ka sepheo sa ho

fokotsa kgatello ya maikutlo le ditjeho phepong ya mehlape ya rona nakong

ya kgwedi tsa komello, mme re habile ho jala makgulo a maholo a jwang le

sejothollo se fapaneng, e leng se tshireletsang mobu.

Tshebetso ya tlhahiso ya kgwebo efe kapa efe e ka hlophollwa ka

dipotso tse kang:

• Bohlwahlwa ba tshebetso – ke fihlella sepheo sa kgwebo jwang?

• Bokgoni ba tshebetso – ke ditjeho dife tseleng ya ho fihlella sepheo

sa ka?

Manejara ke motho ya shebaneng le meralo, tlhophiso, taelo le taolo

ya batho, disebediswa, ditjhelete le ditaba/lesedi mosebetsing wa ho

lelekisa sepheo sa kgwebo, mme ha eba enwa e le sehwai, motho

eo ke WENA! Tlhophiso ya hao ke e jwang meralong ya tsamaiso

ya polasi? Na o bokella lesedi le ho beha leihlo tikolohong ya polasi,

le ho metha tshebetso ya mesebetsi e etswang, makoloi a hao le

disebediswa tsa hao tsa temo hammoho le masimo a hao? Ke mena-

hano e mekae e hlokolosi e sebediswang temong ya hao?

Ho kginwa ha mekgwa ya kgale e tlwaelehileng temong

Ka nako tse ding phetoho ke ntho e bonolo eo motho a ikgethelang

yona, mohlala, mohlomong ho kenyeletsa mofuta wa boraro wa sejo-

thollo temong e le o kenngwang lenaneng la phapantsho ya dijothollo

tsa hao kapa ho hira masimo a mang hore taba ya phapantsho ya dijo-

thollo e sebetse hantlenyana; empa hangata ho a etsahala hore tlhoko

ya phetoho e be e le e ‘sefahlehong sa hao feela’, e leng e seng monate,

e nang le phephetso. Ha ho motho ya kileng a mema komello kapa phe-

toho ya tlelaemete bophelong empa tse jwalo re tlamehile ho shebana le

tsona le ho fetola mekgwa ya rona ya temo hore re kgone ho sebetsana

le maemo ana a qholotsang.

Ho bonolo ho hanana le phetoho empa e se bohlale hakaalo

Eba le bonete hore mabaka a hao ha se feela meitatolo le teko ya ho

leka ho dula boemong ba kgale bo seng bo tlwaetswe: Ha ke na nako

e lekaneng; tjhelete e sa ntse e haella; ke se ke tsofetse hore nka

fetoha; ha ke tsebe hore ho etswa jwang; ke tla tseba jwang ho tla ba

le molemo ... phetoho e hloka boikemisetso le sebete.

Ke hakae re sa kang ra tlameha ho shebana le

dikolo tse ntjha tsa menahano lefapheng la temo?

Lemong tse 40 tsa temo, re ile ra tlameha ho amohela diphetoho, ditheknoloji

tse ntjha, dipethoho ditlhokong tsa bareki, mekgwa e sebetsang betere, kga-

tello tshebetsong e shebaneng le phaello e fokolang, diphetoho meralong ya

diinshorense le menyetleng ya ditjhelete. Ebe moo re utlwang:

• ‘E kgolwanyane e betere’ – na hona ho bolela hore temo ya ka e

nyane ha e na thuso kapa e ke ke ya tshwarella?

• ‘Phetolo e nyane ya mobu’ (

Minimum tillage

), ho se phethole mobu

(

no tillage

), phetholo e baballang (

conservation tillage

) – mantswe a

matjha e se e le ‘temo ya tlhahisobotjha

regenerative farming

; – ke

loketswe ke efe nna? Nka kgona efe?

• Climate smart farming

(Temo e ntle ya tlelaemete) – Nna ke

molemipotlana; Ke ikamahanya jwang le temo e ntle ya tlelae-

mete? Ke mang ya tsebang se loketseng lebatowa la ka? Ke mang

eo ke mo mamelang?

QETELO

Kgothala, mme o lemohe hore kgatello ya ho fetoha e tla dula e le teng.

Le ha ho le jwalo, re tshwanetse ho sebetsa ka dikgokahano, ho ithuta

ka borona, ho ikamahanya le maikutlo a ditsebi le ho lemoha hore ho

ikamahanya ka mekgwa e mengata ke ntho e leng teng bophelong le

mosebetsing wa sehwai. Dihwai tse hlwahlwa tse atlehileng di bohlokwa

popong ya naha ya rona. Tswelopele ya hao wena sehwai hammoho le

temong ya hao ke matla a hlokahalang, a sa fetoheng. Qalo ya katleho ke

ho ikemisetsa ho mamela, ho ithuta le ho fetoha. Mohopolo wa ho qetela:

‘Maobane ke ne ke le bohlale, mme ka batla ho fetola lefatshe. Kajeno ke

bohlale, ka hoo, nna ka bonna ke a iphetola’.